YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 4

4
1Hape ke re: Ha mojalefa e sa le ngwana, ha ho kamoo a sa tshwaneng le mohlanka kateng, leha e le yena monga ntho tsohle; 2empa o sa le pusong ya balebedi le ya badisa, ho be ho fihle nako e beilweng ke ntatae. 3Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe. 4Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao, 5a tle a lopolle ba katlasa molao, re tle re bewe bana. 6Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate! 7Ke moo jwale o sa hloleng o le mohlanka, empa o mora; mme ha o le mora, hape o mojalefa wa Modimo ka Kreste.
8Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele; 9empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona? 10Le hlokomela matsatsi, le dikgwedi, le dinako, le dilemo. 11Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.
12Le be jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona; ke a le rapela hle, banabeso. Ha le a ka la nketsa hampe ka letho.
13Le a tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ya nama. 14Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste. 15Le kae jwale lehlohonolo leo le neng le re, le na le lona? Hobane nka le paka hoba le ka be le ikgontse mahlo ho nnea wona, hola ya be e le ntho e ka etswang. 16Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na? 17Bao leha ba le tjhesehetse, ha ba le tjhesehele hantle; ba mpa ba rata ho re kwallela ntle, hore le tle le ba tjhesehele. 18Ke ntho e ntle ho tjhesehela botle kamehla, e seng mohla ke leng teng ho lona feela. 19Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona; 20nka rata hore ke boele ke be teng hara lona, ke tle ke tsebe ho fetola lentswe la ka; hobane ke ferekane ka baka la lona!
21Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa molao, hleka ha le utlwe molao na? 22Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang. 23Empa eo e neng e le wa ya rekilweng, o tswetswe ka nama, mme eo e neng e le wa ya sa rekwang, yena o tswetswe ka pallo. 24Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare — 25hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae. 26Empa Jerusalema wa hodimo ha a tlanngwa; ke yena e leng mma rona bohle; 27hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata. 28Haele rona, banabeso, re bana ba pallo, jwaloka Isaaka. 29Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo. 30Empa Lengolo le reng? Le re: Lelekisa ya rekilweng le mora wa hae; hobane mora wa ya rekilweng e ke ke ya eba mojalefa hammoho le mora wa ya sa rekwang. 31Ka baka leo, banabeso, ha re bana ba ya rekilweng, empa re le ba ya sa rekwang.

Currently Selected:

BAGALATA 4: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in