YouVersion Logo
Search Icon

AMOSE 5

5
1Utlwang lentswe lena leo ka lona ke le binelang mahlomola, lona ba ntlo ya Iseraele: 2O wele, ha a sa tla boela a eme, morwetsana wa Iseraele; o dihetswe fatshe; ha ho ya mo tsosang. 3Hobane ho itswe ke Morena Jehova: Motse o neng o ntshetsa ntlo ya Iseraele bahlabani ba sekete, o tla sallwa ke ba lekgolo feela, le o neng o e ntshetsa ba lekgolo o tla sala le ba leshome.
4Hobane Jehova o itse ho ntlo ya Iseraele: Mpatleng, le tle le phele! 5Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela. 6Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang. 7Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe; 8athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae; 9o tsosetsa ya matla tshenyeho, tshenyeho e fihlele motse o matla.
10Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng. 11Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona. 12Hobane ke tseba hoba ditlolo tsa lona di ngata, le hoba dibe tsa lona di atile haholo; le hlorisa ya lokileng, le nka tefo, mme bafumanehi ha le ba ahlolele kgotla. 13Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.
14Batlang ho hotle, e seng ho hobe, le tle le phele, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a fele a be le lona jwalokaha le bolela. 15Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.
16Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla. 17Le masimong wohle a merara dillo di tla ba teng, hobane ke tla feta mahareng a hao: ho bolela Jehova.
18Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi. 19Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma. 20Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?
21Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko. 22Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime. 23Tlosetsang lerata la dipina tsa lona hole le nna; nke ke ka mamela modumo wa diharepa tsa lona. 24Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla. 25Na, ha le ne le le feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le ne le ntlhahisetse mahlabelo le dinyehelo, lona ba ntlo ya Iseraele? 26Tjhe, le ne le jare Sikkuthe, morena wa lona, le Kiune, setshwantsho sa lona, naledi ya modimo oo le neng le iketseditse wona. 27Ka baka leo, ke tla le isa kgolehong ho feta Damaseka, ho bolela Jehova, eo lebitso la hae e leng Modimo wa makgotla.

Currently Selected:

AMOSE 5: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy