YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 5:3-5

DIKETSO 5:3-5 SSO61-SO

Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na? Ha ke re, tshimo leha e be e ituletse, e ne e le ya hao? mme leha o ne o rekile ka yona, theko ya yona e ne e sa ntse e le ya hao na? Ho ile kang ha o hopotse taba eo pelong ya hao? Leshano leo ha o a le etsa ho batho, empa o le entse ho Modimo. Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.