YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 12

12
Jakobo o bolawa ke Heroda. — Petrose o kenngwa teronkong; o ntshwa teng ke lengeloi. — Lefu la Heroda.
1Mehleng eo, morena Heroda a qala ho hlorisa ba bang ba kereke; 2mme a bolaya Jakobo, ngwanabo Johanne, ka sabole. 3Yare ha a bona hobane hoo ho kgahlile Bajuda, a eketsa a tshwara le yena Petrose. E ne e le ka matsatsi a mahobe a se nang ditomoso. 4Yare hobane a mo tshware, a mo kenya teronkong, mme a mo neela dihlophana tse nne, hore di tle di mo lebele, hlopha se seng le se seng se ena le bahlabani ba bane, a lakatsa ho mo hlahisa pela setjhaba ha Paseka e fetile. 5Petrose a nna a lebelwa teronkong jwalo; empa kereke yona e ne e sa phetse ho mo rapella ho Modimo.
6Mohla Heroda a seng a ya mo hlahisa, ka bona bosiu boo, Petrose o ne a robetse mahareng a bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi; balebedi ba emeng pela monyako ba ne ba lebela teronko. 7Empa hang, lengeloi la Morena la hlaha, mme lesedi la kganya teronkong; yaba le sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Yaba mahlaahlela a wa matsohong a hae. 8Lengeloi la re ho yena: Itlame letheka, o rwale le meqathatso ya hao. A etsa jwalo. La ntoo re: Apara kobo ya hao, o ntatele. 9Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo. 10Hobane ba fete sehlopha sa pele sa balebedi le sa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o isang motseng, mme wa ipulela bona; ba tswa, ba tsamaya sebaka seterateng se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.
11Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda. 12Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela. 13Petrose eitse ha a kokota monyako wa mathule, morwetsana ya bitswang Rhode a tla mamela. 14Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule. 15Ba re ho yena: O a hlanya. Empa yena a tiisa, a re: Ho jwalo. Yaba ba re: Ke lengeloi la hae. 16Empa Petrose o ne a tiisa ho kokota. Yare ha ba bula, ba mmona, mme ba tsota. 17A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.
18Yare hobane bosiu bo se, letsoso le leholo la eba teng hara bahlabani, la ho tseba hobane Petrose o entse jwang. 19Heroda, eitse hobane a mmatlisise, mme a se mo fumane, a ahlola bahlabani, a laela hore ba ye ho bolawa. A ntoo tloha Judea, a theohela Sesarea, mme a ahella teng.
20Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena. 21Ka letsatsi le beilweng, Heroda a apara kobo tsa borena, a dula teroneng ya hae; ha a ntse a bua le bona, 22setjhaba sa howa, sa re: Lentswe leo ke la Modimo, e seng la motho. 23Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.
24Empa lentswe la Modimo la nna la ata, la anafala. 25Haele Barnabase le Saule yare ha ba phethile mosebetsi wa bona, ba tloha Jerusalema, ba ena le Johanne, ya reilweng Mareka.

Currently Selected:

DIKETSO 12: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in