YouVersion Logo
Search Icon

I SAMUELE 3

3
1Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata. 2Mohlang oo, yare Eli ha a ne a robetse sebakeng sa hae, etswe mahlo a hae a ne a se a qadile ho foufala, a sitwa le ho bona, 3lampi ya Jehova e eso ho time, le Samuele a se a robetse tabernakeleng ya Jehova, moo areka ya Modimo e leng teng, 4Jehova a bitsa: Samuele! Yena a re: Ke nna enwa. 5Ebile o titimela ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, kgutla, o robale. Mme a ya, a robala.
6Jehova a boela a bitsa: Samuele! Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, ngwana ka; kgutla, o robale. 7Haele Samuele, o ne a eso ho tsebe Jehova, le lentswe la Jehova o ne a eso ho senolelwe lona.
8Jehova a boela a bitsa Samuele la boraro. Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Moo Eli a lemoha hoba ke Jehova ya bitsang mohlankana. 9Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: Eya, o robale; etlere ha o bitswa, o re: Bua Jehova, mohlanka wa hao o mametse. Yaba Samuele o a ya, a robala sebakeng sa hae.
10Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse. 11Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma. 12Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella. 13Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara. 14Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.
15Samuele a robala, ya ba ya eba hosasa; a ntoo bula mamati a ntlo ya Jehova; Samuele a mpa a tshaba ho tsebisa Eli pono ya hae. 16Empa Eli a bitsa Samuele, a re: Samuele, ngwana ka! Samuele a araba, a re: Ke nna enwa. 17Eli a re: Taba ke efe eo a o boleletseng yona? O se ke wa mpatela. Modimo o o etse ka hore le ka hore, ha o ka mpatela taba e nngwe ya tsohle tseo o o boleletseng tsona. 18Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.
19Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng. 20Baiseraele bohle, ho qala ka Dane, ho isa Beerseba, ba tseba hobane Samuele o beilwe moporofeta wa Jehova. 21Jehova a boela a itlhahisa Silo; ke hona Silo moo Jehova a neng a itshenolela Samuele ka lentswe la hae la Jehova.

Currently Selected:

I SAMUELE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy