1
TSHENOLO 21:4
BIBELE
O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
Compare
Explore TSHENOLO 21:4
2
TSHENOLO 21:5
Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”
Explore TSHENOLO 21:5
3
TSHENOLO 21:3
Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.
Explore TSHENOLO 21:3
4
TSHENOLO 21:6
A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.
Explore TSHENOLO 21:6
5
TSHENOLO 21:7
Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.
Explore TSHENOLO 21:7
6
TSHENOLO 21:8
Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”
Explore TSHENOLO 21:8
7
TSHENOLO 21:1
Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo.
Explore TSHENOLO 21:1
8
TSHENOLO 21:2
Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.
Explore TSHENOLO 21:2
9
TSHENOLO 21:23-24
Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana. Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, le dikgosi tsa lefatshe di tla o tlisetsa maruo a tsona.
Explore TSHENOLO 21:23-24
Home
Bible
Plans
Videos