1
TSHENOLO 20:15
BIBELE
Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.
Compare
Explore TSHENOLO 20:15
2
TSHENOLO 20:12
Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.
Explore TSHENOLO 20:12
3
TSHENOLO 20:13-14
Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae. Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi.
Explore TSHENOLO 20:13-14
4
TSHENOLO 20:11
Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.
Explore TSHENOLO 20:11
5
TSHENOLO 20:7-8
Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae, mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle.
Explore TSHENOLO 20:7-8
Home
Bible
Plans
Videos