1
MAELE 15:1
BIBELE
Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.
Compare
Explore MAELE 15:1
2
MAELE 15:33
Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
Explore MAELE 15:33
3
MAELE 15:4
Leme le thabisang ke fate sa bophelo, empa le thetsang le senya pelo ya motho.
Explore MAELE 15:4
4
MAELE 15:22
Ya sa rateng dikeletso merero ya hae e a nyopa, ya eletswang ke ba bangata yena o a atleha.
Explore MAELE 15:22
5
MAELE 15:13
Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko.
Explore MAELE 15:13
6
MAELE 15:3
Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng.
Explore MAELE 15:3
7
MAELE 15:16
Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi.
Explore MAELE 15:16
8
MAELE 15:18
Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.
Explore MAELE 15:18
9
MAELE 15:28
Ya lokileng o inahana a eso arabe, molomong wa ya kgopo bokgopo bo a kopotsa.
Explore MAELE 15:28
Home
Bible
Plans
Videos