1
ESAYA 40:29
BIBELE
O matlafatsa ba tepeletseng, ba kgathetseng o ba tsosa molota.
Compare
Explore ESAYA 40:29
2
ESAYA 40:30-31
Batjha ba a kgathala, mme ba tepelle, bahlankana ba kgothometsehe, ba be ba we; empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.
Explore ESAYA 40:30-31
3
ESAYA 40:28
Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa.
Explore ESAYA 40:28
4
ESAYA 40:3
Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng.
Explore ESAYA 40:3
5
ESAYA 40:8
Jwang bo a pona, palesa di foforehe, empa ntswe la Modimo wa rona le hlola kamehla.”
Explore ESAYA 40:8
6
ESAYA 40:5
Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”
Explore ESAYA 40:5
7
ESAYA 40:4
Dikgohlo tsohle di tla katwa, dithaba le maralla di bothalatswe, le tsona ditutudu di bothalatswe, baka tse makukuno di batalatswe.
Explore ESAYA 40:4
8
ESAYA 40:11
O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.
Explore ESAYA 40:11
9
ESAYA 40:26
Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.
Explore ESAYA 40:26
10
ESAYA 40:22
Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.
Explore ESAYA 40:22
11
ESAYA 40:2
Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.
Explore ESAYA 40:2
12
ESAYA 40:6-7
Lentswe le ile la re: “Howa!” Yaba nna ke re: “Ke tla howa ke reng?” Ere: “Batho bohle ba jwaloka jwang, tlotla ya bona e ka ya palesa tsa naha. Jwang bo a pona, palesa di foforehe, ha moya wa Morena o fokela ho tsona. Ruri batho ba jwaloka jwang.
Explore ESAYA 40:6-7
13
ESAYA 40:10
Bonang, Morena Modimo o tla e le Ya Matla, o tla busa ka letsoho la hae. Bonang, o tla le moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.
Explore ESAYA 40:10
14
ESAYA 40:1
“Tshedisang setjhaba sa ka, se tshediseng,” ho rialo Morena.
Explore ESAYA 40:1
15
ESAYA 40:12-14
Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang? Ya kila ruta Moya wa Morena ke mang? Ya kila mo ruta e le moeletsi wa hae ke mang? Morena o kopile mang hore a mo eletse? Ho ahlola ka toka a ho rutwa ke mang? Tsebo yona a e rutwa ke mang? Tsela ya kutlwisiso a e bontshwa ke mang?
Explore ESAYA 40:12-14
Home
Bible
Plans
Videos