YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 40:12-14

ESAYA 40:12-14 SSO89SO

Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang? Ya kila ruta Moya wa Morena ke mang? Ya kila mo ruta e le moeletsi wa hae ke mang? Morena o kopile mang hore a mo eletse? Ho ahlola ka toka a ho rutwa ke mang? Tsebo yona a e rutwa ke mang? Tsela ya kutlwisiso a e bontshwa ke mang?