1
MORUTI 2:26
BIBELE
Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
Compare
Explore MORUTI 2:26
2
MORUTI 2:24-25
Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo, hobane ntle ho Modimo, ke mang ya ka jang, mme a ithabisa?
Explore MORUTI 2:24-25
3
MORUTI 2:11
Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!
Explore MORUTI 2:11
4
MORUTI 2:10
Ha ke a ka ka itima melakatswana yohle, ha ke a ka ka ithibela menyaka yohle. Ke ne ke thabela tsohle tsa mofufutso wa ka, hona e le moputso wa mofufutso wa phatla ya ka.
Explore MORUTI 2:10
5
MORUTI 2:13
Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho feta lefifi.
Explore MORUTI 2:13
6
MORUTI 2:14
Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.
Explore MORUTI 2:14
7
MORUTI 2:21
Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.
Explore MORUTI 2:21
Home
Bible
Plans
Videos