1
1 BAKORINTHE 13:4-5
BIBELE
Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa
Compare
Explore 1 BAKORINTHE 13:4-5
2
1 BAKORINTHE 13:7
Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.
Explore 1 BAKORINTHE 13:7
3
1 BAKORINTHE 13:6
ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete.
Explore 1 BAKORINTHE 13:6
4
1 BAKORINTHE 13:13
Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.
Explore 1 BAKORINTHE 13:13
5
1 BAKORINTHE 13:8
Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela.
Explore 1 BAKORINTHE 13:8
6
1 BAKORINTHE 13:1
Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.
Explore 1 BAKORINTHE 13:1
7
1 BAKORINTHE 13:2
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.
Explore 1 BAKORINTHE 13:2
8
1 BAKORINTHE 13:3
Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.
Explore 1 BAKORINTHE 13:3
9
1 BAKORINTHE 13:11
Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana.
Explore 1 BAKORINTHE 13:11
Home
Bible
Plans
Videos