1
1 BAKORINTHE 11:25-26
BIBELE
Ka mokgwa o jwalo, ha ho se ho laletswe, a nka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiiswang ka madi a ka. Kamehla ha le enwa, le etse jwalo ho nkgopola.” Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.
Compare
Explore 1 BAKORINTHE 11:25-26
2
1 BAKORINTHE 11:23-24
Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”
Explore 1 BAKORINTHE 11:23-24
3
1 BAKORINTHE 11:28-29
Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo. Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.
Explore 1 BAKORINTHE 11:28-29
4
1 BAKORINTHE 11:27
Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.
Explore 1 BAKORINTHE 11:27
5
1 BAKORINTHE 11:1
Latelang mohlala wa ka, jwalokaha le nna ke latela wa Kreste.
Explore 1 BAKORINTHE 11:1
Home
Bible
Plans
Videos