1
MATTHEU 9:37-38
Sesotho 1909/1961 (SO)
E bile moo a reng ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.
Compare
Explore MATTHEU 9:37-38
2
MATTHEU 9:13
Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.
Explore MATTHEU 9:13
3
MATTHEU 9:36
Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.
Explore MATTHEU 9:36
4
MATTHEU 9:12
Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.
Explore MATTHEU 9:12
5
MATTHEU 9:35
Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Explore MATTHEU 9:35
Home
Bible
Plans
Videos