1
MATTHEU 10:16
Sesotho 1909/1961 (SO)
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
Compare
Explore MATTHEU 10:16
2
MATTHEU 10:39
Ya bolokang bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla be a bo bone.
Explore MATTHEU 10:39
3
MATTHEU 10:28
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.
Explore MATTHEU 10:28
4
MATTHEU 10:38
mme ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntshwanele.
Explore MATTHEU 10:38
5
MATTHEU 10:32-33
E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, le nna ke tla mmolela pela Ntate ya mahodimong; empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Explore MATTHEU 10:32-33
6
MATTHEU 10:8
Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.
Explore MATTHEU 10:8
7
MATTHEU 10:31
Ka baka leo, le se ke la tshaba: le fetisa dirobele tse ngata.
Explore MATTHEU 10:31
8
MATTHEU 10:34
Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho romela kgotso lefatsheng; ha ke a tla ho romela kgotso, empa e le lerumo.
Explore MATTHEU 10:34
Home
Bible
Plans
Videos