1
MATTHEU 19:26
Sesotho 1909/1961 (SO)
Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.
Compare
Explore MATTHEU 19:26
2
MATTHEU 19:6
Ha ho le jwalo, ha ba sa hlola ba eba babedi, empa e le nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng: Seo Modimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.
Explore MATTHEU 19:6
3
MATTHEU 19:4-5
A ba araba, a re: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme ba babedi e tla ba nama e le nngwe feela?
Explore MATTHEU 19:4-5
4
MATTHEU 19:14
Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.
Explore MATTHEU 19:14
5
MATTHEU 19:30
Empa ba bangata ba pele e tla ba ba morao, mme ba morao e tla ba ba pele.
Explore MATTHEU 19:30
6
MATTHEU 19:29
E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.
Explore MATTHEU 19:29
7
MATTHEU 19:21
Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.
Explore MATTHEU 19:21
8
MATTHEU 19:17
Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao.
Explore MATTHEU 19:17
9
MATTHEU 19:24
Ke pheta ke re ho lona: Ho ka ba bonolo ha kamele e kena ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa mahodimo.
Explore MATTHEU 19:24
10
MATTHEU 19:9
Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.
Explore MATTHEU 19:9
11
MATTHEU 19:23
Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.
Explore MATTHEU 19:23
Home
Bible
Plans
Videos