1
MATTHEU 18:20
Sesotho 1909/1961 (SO)
Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
Compare
Explore MATTHEU 18:20
2
MATTHEU 18:19
Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.
Explore MATTHEU 18:19
3
MATTHEU 18:2-3
Jesu a bitsa ngwana, a mmea hara bona, a re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa fetohe, la ba jwaloka bana, ha le ka ke la kena mmusong wa mahodimo.
Explore MATTHEU 18:2-3
4
MATTHEU 18:4
Ka baka leo, e mong le e mong ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa, ke yena eo e leng e moholo mmusong wa mahodimo
Explore MATTHEU 18:4
5
MATTHEU 18:5
mme e mong le e mong ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa ka lebitso la ka, o amohela nna.
Explore MATTHEU 18:5
6
MATTHEU 18:18
Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong.
Explore MATTHEU 18:18
7
MATTHEU 18:35
Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.
Explore MATTHEU 18:35
8
MATTHEU 18:6
Empa e mong le e mong ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala le leholo molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.
Explore MATTHEU 18:6
9
MATTHEU 18:12
Ana taba ena e jwang ho lona? Ha motho a ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ho tsona ha e lahlehile, ha ke re, o tla tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong dithabeng, a ye ho batla e lahlehileng na?
Explore MATTHEU 18:12
Home
Bible
Plans
Videos