YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 3

3
Sephiri sa pitso ya baditjhaba. — Boholo bo se nang ho lekanngwa ba lerato la Kreste.
1Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba, 2ha le fela le utlwile kabelo ya mohau wa Modimo eo ke e neetsweng bakeng sa lona. 3Sephiri seo ke se tsebisitswe ka tshenolo, jwalokaha ke sa tswa le ngolla ka mantswe a se makae; 4kamoo le ka lemohang kateng, ha le bala teng, kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste. 5Sephiri seo ha se a ka sa senolelwa bana ba batho melokong e fetileng, jwalokaha se tswa senolwa mehleng ena ke Moya ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baporofeta; 6e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli; 7eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona. 8Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste, 9mme ke pepese pela bohle ditaba tsa sephiri seo, se neng se patilwe, mehla ya bohloleho e eso ho qale, ka ho Modimo o hlodileng dintho tsohle; 10hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong, 11ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona; 12eo re dumeletsweng ka yena ho atamela ho Modimo ka tshepo, ka tumelo eo re nang le yona ho yena. 13Ke moo ke le rapelang hore le se ke la fediswa pelo ke dihloriso tse ntlhahelang ka baka la lona; tsona ke thoriso ya lona.
14Ke ka baka leo ke kgumamang pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, 15eo leloko le leng le le leng le mahodimong le lefatsheng le bitswang ka yena. 16Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae, 17Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo; 18e le hore, ha le se le meletse leratong, le theilwe ka ho lona, le be ba ka utlwisisang le bahalaledi bohle bophara ba lona, le bolelele ba lona, le botebo ba lona, le ho phahama ha lona; 19mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.
20Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang, 21ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!

Currently Selected:

BAEFESE 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy