1
Mattheu 18:20
Baasraak Sotho NT
Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
對照
Mattheu 18:20 探索
2
Mattheu 18:19
Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong.
Mattheu 18:19 探索
3
Mattheu 18:2-3
Jesu a biletsa ngwana e monyenyane ho yena, a mmea hara bona. A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Mattheu 18:2-3 探索
4
Mattheu 18:4
Mang kapa mang ya tla ikokobetsa jwaloka ngwana enwa, ke yena e moholo mmusong wa mahodimo.
Mattheu 18:4 探索
5
Mattheu 18:5
Mme e mong le e mong ya amohelang ngwana e mong ya jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela.
Mattheu 18:5 探索
6
Mattheu 18:18
Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong
Mattheu 18:18 探索
7
Mattheu 18:35
Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona.
Mattheu 18:35 探索
8
Mattheu 18:6
Empa ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le fanyehe molaleng wa hae, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.
Mattheu 18:6 探索
9
Mattheu 18:12
Le nahana jwang? Ekare ha motho a e-na le linku tse lekholo, ’me e ’ngoe ea tsona e kheloha, a ke ke a tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, a ea lithabeng, a batla e khelohileng?
Mattheu 18:12 探索
主頁
聖經
計劃
影片