1
JAKOBO 4:7
BIBELE
Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.
Karşılaştır
JAKOBO 4:7 keşfedin
2
JAKOBO 4:8
Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.
JAKOBO 4:8 keşfedin
3
JAKOBO 4:10
Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
JAKOBO 4:10 keşfedin
4
JAKOBO 4:6
Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”
JAKOBO 4:6 keşfedin
5
JAKOBO 4:17
Ka baka leo, ya tsebang ho etsa ho hotle, empa a sa ho etse, o etsa sebe.
JAKOBO 4:17 keşfedin
6
JAKOBO 4:3
Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.
JAKOBO 4:3 keşfedin
7
JAKOBO 4:4
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.
JAKOBO 4:4 keşfedin
8
JAKOBO 4:14
Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.
JAKOBO 4:14 keşfedin
Ana Sayfa
Kutsal Kitap
Okuma Planları
Videolar