1
LUKA 17:19
Sesotho 1909/1961 (SO)
Yaba o re ho yena: Ema, o ikele; tumelo ya hao e o pholositse.
Linganisha
Chunguza LUKA 17:19
2
LUKA 17:4
Mme leha a ka o sitelwa hasupa ka tsatsi le le leng, mme a kgutlela ho wena hasupa, a re: Ke bakile; o mo tshwarele.
Chunguza LUKA 17:4
3
LUKA 17:15-16
E mong wa bona, eitse ha a fihlela hobane o fodile, a kgutla le mehlala ya hae, a ntse a rorisa Modimo ka lentswe le leholo; mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.
Chunguza LUKA 17:15-16
4
LUKA 17:3
Iponeleng! Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, o mo kgalemele; ha a baka, o mo tshwarele.
Chunguza LUKA 17:3
5
LUKA 17:17
Yaba Jesu o bua, a re: Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na?
Chunguza LUKA 17:17
6
LUKA 17:6
Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.
Chunguza LUKA 17:6
7
LUKA 17:33
E mong le e mong ya tla batla ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona, mme e mong le e mong ya tla timellwa ke jona, ke yena ya tla bo boloka.
Chunguza LUKA 17:33
8
LUKA 17:1-2
Jesu a bolella barutuwa, a re: Haele hore dikgopiso di se hlahe, ho ke ke ha etswa; empa ho madimabe eo di hlahang ka yena. Ho ka bang molemo ho yena, ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, le ho dihelwa lewatleng, ho ena le hore a kgopise e mong wa ba banyenyane bana.
Chunguza LUKA 17:1-2
9
LUKA 17:26-27
Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo mehleng ya Mora motho. Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.
Chunguza LUKA 17:26-27
Nyumbani
Bibilia
Mipango
Video