1
JOHANNE 13:34-35
BIBELE
“Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane. Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.”
Sammenlign
Utforsk JOHANNE 13:34-35
2
JOHANNE 13:14-15
Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto. Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse.
Utforsk JOHANNE 13:14-15
3
JOHANNE 13:7
Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”
Utforsk JOHANNE 13:7
4
JOHANNE 13:16
Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.
Utforsk JOHANNE 13:16
5
JOHANNE 13:17
Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.
Utforsk JOHANNE 13:17
6
JOHANNE 13:4-5
a tloha dijong, a hlobola seaparo, mme a nka thaole, a itlama ka yona thekeng. A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.
Utforsk JOHANNE 13:4-5
Hjem
Bibel
Leseplaner
Videoer