1
LUKA 22:42
BIBELE
a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.”
နှိုင်းယှဉ်
LUKA 22:42ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
2
LUKA 22:32
empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”
LUKA 22:32ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
3
LUKA 22:19
A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”
LUKA 22:19ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
4
LUKA 22:20
Ha ba se ba jele, a etsa jwalo le ka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiisitsweng ka madi a ka, a tshollelwang lona.
LUKA 22:20ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
5
LUKA 22:44
Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
LUKA 22:44ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
6
LUKA 22:26
Empa ho lona ho se be jwalo; e moholo hara lona a mpe a be jwaloka e monyenyane, mme ya tsamaisang a be jwaloka ya sebeletsang.
LUKA 22:26ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
7
LUKA 22:34
Empa Jesu a re: “Petrose, ke a o bolella hore kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo, o re ha o ntsebe.”
LUKA 22:34ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
ပင်မစာမျက်နှာ
ကျမ်းစာ
အစီအစဉ်
ဗီဒီယို