1
Mattheu 7:7
Baasraak Sotho NT
Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.
Palyginti
Naršyti Mattheu 7:7
2
Mattheu 7:8
Hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa; mme ya batlang o a fumana; le ya kokotang o tla bulelwa.
Naršyti Mattheu 7:8
3
Mattheu 7:24
Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.
Naršyti Mattheu 7:24
4
Mattheu 7:12
Ka baka leo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Naršyti Mattheu 7:12
5
Mattheu 7:14
Hobane monyako wa bophelo o patisane, le tsela e isang bophelong e tshesane, mme ba e fumanang ha ba bakae.
Naršyti Mattheu 7:14
6
Mattheu 7:13
Kenang ka monyako o patisaneng
Naršyti Mattheu 7:13
7
Mattheu 7:11
Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?
Naršyti Mattheu 7:11
8
Mattheu 7:1-2
Le se ke la ahlola, le tle le se ke la ahlolwa. Hobane kahlolo eo le ahlolang ka yona, le tla ahlolwa ka yona, mme tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona hape.
Naršyti Mattheu 7:1-2
9
Mattheu 7:26
E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng.
Naršyti Mattheu 7:26
10
Mattheu 7:3-4
O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe leballo le ka leihlong la hao? Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ntumelle, ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao; mme bona, phallo e ka leihlong la hao?
Naršyti Mattheu 7:3-4
11
Mattheu 7:15-16
Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang. Le tla ba tseba ka ditholwana tsa bona. A batho ba kgetla morara meutlweng, kapa difeiye meutlweng?
Naršyti Mattheu 7:15-16
12
Mattheu 7:17
Ka mokgwa o jwalo sefate se seng le se seng se setle se beha ditholwana tse monate; empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe.
Naršyti Mattheu 7:17
13
Mattheu 7:18
Sefate se setle se ke ke sa beha ditholwana tse mpe, le sefate se sebe se ka bea ditholwana tse monate.
Naršyti Mattheu 7:18
14
Mattheu 7:19
Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse monate, se a rengwa, se lahlelwa mollong.
Naršyti Mattheu 7:19
Pradžia
Biblija
Planai
Vaizdo įrašai