1
JOHANNE 19:30
Sesotho 1909/1961 (SO)
Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.
ತಾಳೆಮಾಡಿ
JOHANNE 19:30 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
2
JOHANNE 19:28
Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.
JOHANNE 19:28 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
3
JOHANNE 19:26-27
Jesu ha a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang a bapile le yena, a re ho mmae: Mosadi, bona, mora wa hao ke eo. A ntoo re ho morutuwa: Bona, mmao ke eo. Ka nako yona eo, morutuwa eo a mo nkela ka tlung ha hae.
JOHANNE 19:26-27 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
4
JOHANNE 19:33-34
Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo. Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.
JOHANNE 19:33-34 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
5
JOHANNE 19:36-37
Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa. Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng.
JOHANNE 19:36-37 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
6
JOHANNE 19:17
Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha.
JOHANNE 19:17 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
7
JOHANNE 19:2
Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera
JOHANNE 19:2 ಅನ್ವೇಷಿಸಿ
ಮುಖಪುಟ
ಬೈಬಲ್
ಯೋಜನೆಗಳು
ವೀಡಿಯೊಗಳು