Diketso 15

15
Diketso 15
1Banna ba bang ba theohang Judea, ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, le ke ke la pholoswa.
2Jwale, ha ho e-ba le phapang e khōlō le Barnabase le bona, ha etsoa qeto ea hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo mabapi le taba ena.
3Yare ha ba felehetswa ke kereke, ba haola le Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle.
4Eitse ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo, mme ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona.
5Empa badumedi ba bang ba lequloana la Bafarisi ba ema, ba re: Ho a hlokahala ho bolotswa, le ho laelwa ho boloka molao wa Moshe.
6Baapostola le baholo ba bokana ho buisana ka taba ena.
7Eitse hobane ho fete kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e sa le kgale Modimo o re kgethile hara rona, hore baditjhaba ba utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, dumela.
8Mme Modimo, o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwalokaha o entse ho rona;
9Mme ha a ka a bea phapang mahareng a rona le bona, a hlwekisa dipelo tsa bona ka tumelo.
10Jwale, ke ka baka lang le lekang Modimo ka ho jara barutuwa ba bona joko melaleng, eo bontata rona le rona re sa kang ra khona ho e jara?
11Empa re dumela hoba re tla bolokeha ka mohau wa Morena Jesu Kreste, jwalokaha bona.
12Yaba letshwele lohle la kgutsa, la mamela Barnabase le Pauluse, ba bolela mehlolo le meeka eo Modimo o e entseng ka bona hara baditjhaba.
13Eitse hobane ba homole, Jakobo a araba, a re: Banna ba heso, nkutlweng.
14Simeone o hlalositse kamoo Modimo o kileng wa etela baditjhaba qalong, hore o kgethele lebitso la wona ho bona batho.
15Mme mantswe a baporofeta a dumellana le sena; jwalokaha ho ngodilwe,
16Kamora tsena ke tla kgutla, mme ke tla boela ke hahe tabernakele ya Davida e weleng; ke tla boela ke hahe lithako tsa eona, ’me ke tla e emisa.
17E le hore masala a batho a batle Morena, le ditjhaba tsohle tse bitswang hodima tsona, ho rialo Morena, ya etsang tsena tsohle.
18Mesebetsi yohle ya hae e tsejwa ke Modimo ho tloha tshimolohong ya lefatshe.
19Ka baka leo, kahlolo ya ka ke hore re se ke ra tshwenya bao e leng baditjhaba ba sokolohetseng ho Modimo.
20Empa re ba ngolle hore ba ile ditshila tsa medimo ya bohata, le bohlola, le tse fenethilweng, le madi.
21Hobane haele mehleng ya kgale, Moshe o na a na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.
22Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.
23Ba ngola mangolo ka bona ka mokgwa ona; Baapostola le baholo le baena ba romela ditumediso ho baena ba ditjhaba tse Antioke le Siria le Silisia.
24Erekaha re utlwile hore ba bang ba tswang ho rona ba le tshwentse ka dipolelo, ba kgelosa meya ya lona, ba re: Le bolle, le boloke molao;
25Eitse ha re phuthehile re le pelo e le nngwe, re bone ho le molemo ho romela banna ba kgethilweng ho lona, ba ena le baratuwa ba rona, Barnabase le Pauluse.
26Ke batho ba beileng bophelo ba bona kotsing ka baka la lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.
27Ka baka leo, re romile Judase le Silase, ba tle ba le bolelle taba tseo ka molomo.
28Hobane Moya o Halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le bea moroalo o mong, haese tseo tse hlokahalang;
29Ke hore le ile dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola; Dumelang hantle.
30Eitse hobane ba tsamaye, ba tla Antioke;
31Eitse hobane ba bale, ba thabela matshediso ao.
32Judase le Silase, e neng e le bona baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.
33Eitse hobane ba qete nako e itseng, ba ntoo kgutla ka kgotso ke baena, ho ya ho baapostola.
34Leha ho le jwalo, Silase a dumela ho sala teng.
35Pauluse le Barnabase ba dula Antioke, ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.
36Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Pauluse a re ho Barnabase: A re boeleng re etele banababo rona metseng yohle eo re kileng ra bolela lentswe la Jehova ho yona, re bone kamoo ba phelang kateng.
37Baranabase a rera ho nka Johanne, ya reilweng Mareka.
38Empa Pauluse ha a ka a bona ho le molemo ho mo nka le bona, ya neng a ba tlohetse Pamfilia, mme a se ke a ya le bona mosebetsing.
39Mme qabang ya eba matla hara bona, hoo ba ileng ba arohana, mme Barnabase a nka Mareka, a ya Cyprase ka sekepe.
40Pauluse a ikgethela Silase, mme a tloha, a laeleditswe mohaung wa Modimo ke baena.
41Mme a haola le Siria le Silisia, a ntse a tiisa dikereke.

Jelenleg kiválasztva:

Diketso 15: SothoNT

Kiemelés

Megosztás

Másolás

None

Szeretnéd, hogy a kiemeléseid minden eszközödön megjelenjenek? Regisztrálj vagy jelentkezz be