Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re:
“Modimo ya kgahlisitsweng
ke bo-ntatemoholo,
ke bo-ntatemoholo Aborahama
le Isaka,
ba mo kgahlisa
ka metsamao ya bona;
yena Modimo ya ileng a nkalosa,
ho tloha bonyenyaneng ba ka,
a nkalosa ho fihlela kajeno.
Lengeloi le ntopoletseng
bobeng bohle,
a hlohonolofatse bahlankana bana!
Bitso la ka, le la Aborahama,
le la Isaka,
a ke a tume,
a tumiswe ke bona,
ba ke ba ate,
ebe letshwele naheng ena.”