1
JOHANNE 15:5
Sesotho 1909/1961 (SO)
Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho.
Porovnat
Zkoumat JOHANNE 15:5
2
JOHANNE 15:4
Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele.
Zkoumat JOHANNE 15:4
3
JOHANNE 15:7
Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.
Zkoumat JOHANNE 15:7
4
JOHANNE 15:16
Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.
Zkoumat JOHANNE 15:16
5
JOHANNE 15:13
Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.
Zkoumat JOHANNE 15:13
6
JOHANNE 15:2
Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.
Zkoumat JOHANNE 15:2
7
JOHANNE 15:12
Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile.
Zkoumat JOHANNE 15:12
8
JOHANNE 15:8
Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.
Zkoumat JOHANNE 15:8
9
JOHANNE 15:1
Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate.
Zkoumat JOHANNE 15:1
10
JOHANNE 15:6
Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.
Zkoumat JOHANNE 15:6
11
JOHANNE 15:11
Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.
Zkoumat JOHANNE 15:11
12
JOHANNE 15:10
Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
Zkoumat JOHANNE 15:10
13
JOHANNE 15:17
Ke le laela tseo, le tle le ratane.
Zkoumat JOHANNE 15:17
14
JOHANNE 15:19
Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.
Zkoumat JOHANNE 15:19
Domů
Bible
Plány
Videa