YouVersion Logo
Search Icon

1 Bakorinthe 2

2
1 Bakorinthe 2
1Haele nna, banabeso, mohla ke tlang ho lona, ha ke a ka ka tla ka puo e fetisang, leha e le ka bohlale, ke le bolella bopaki ba Modimo.
2Hobane ke rerile ho se tsebe letho hara lona, haese Jesu Kreste, le yena ya thakgisitsweng.
3Ke bile hara lona ka bofokodi, le tshabo, le thothomelo e kgolo.
4Polelo ya ka le thero ya ka ha e a ka ya eba ka dipolelo tse hodisang tsa bohlale ba batho, empa e le ka pontsho ya Moya le ya matla.
5E le hore tumelo ya lona e se ke ya eba bohlaleng ba batho, e mpe e be matleng a Modimo.
6Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, empa e seng bohlale ba lefatshe lena, leha e le ba marena a lefatshe lena a fediswang.
7Empa re bolela bohlale ba Modimo e leng sephiri, e leng bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele ho mehla ya lefatshe, e tle e be kganya ya rona.
8Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya.
9Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.
10Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa hae, hobane Moya o batlisisa dintho tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.
11Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o ho yena? ka mokgwa o jwalo ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang, haese Moya wa Modimo.
12Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.
13Ke tseo re di bolelang, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le tse rutwang ke Moya o Halalelang; ka ho bapisa lintho tsa moea le tsa moea.
14Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa Moya wa Modimo, hobane ke bohlanya ho yena;
15Empa motho wa moya o ahlola tsohle, empa yena ha a ahlolwe ke motho.
16Hobane ke mang ya tsebileng mohopolo wa Morena, hore a tle a mo rute? Empa rona re na le kelello ya Kreste.

Currently Selected:

1 Bakorinthe 2: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in