YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 124

124
Ho leboha thuso ya Morena
1Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.
Hoja Morena a se ke a ba le rona,
Iseraele a ke a rialo,
2hoja Morena a se ke a ba le rona,
ha batho ba ne ba re tsohela matla,
3ba ka be ba re kwentse
re ntse re phela,
ha kgalefo ya bona
e ne e re tloketse;
4dikgohola di ka be di re hohotse,
diphororo di ka be di re pupeditse;
5metsi a befileng
a ka be a re pupeditse.
6Ho bokwe Morena
ya sa kang a lesa hore ba re je.
7Re phonyohile jwaloka nonyana
lerabeng la batshwasi;
leraba la kgaoha,
mme ra phonyoha.
8Thuso ya rona e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.

Currently Selected:

DIPESALEMA 124: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in