YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 6

6
Nehemia o a rerwa
1Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati. 2Bo-Sanebalate le Gashemu ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re tlo kopana le wena motsaneng o mong wa e phuleng ya Ono.” Empa ba ne ba rerile ho ntlhahisa kotsi.
3Ka ba romela maqosa, ka re: “Mosebetsi wa ka o mongata haholo, ka hona ke sitwa ho tla. Ke ka baka lefe ho ka emiswang mosebetsi, ha nna ke o tlohela, ke theohela ho lona moo?” 4Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.
5Ka lekgetlo la bohlano Sanebalate a roma mohlanka wa hae ho ntlisetsa molaetsa o tshwanang le melaetsa ya pele, ka lengolo le sa kwalwang. 6Lengolong leo ho ne ho ngotswe, ho thwe: “Ho ntse ho bueha hara baditjhaba mona, mme le Gashemu o re ke nnete, hore lona mmoho le Bajuda, le ntse le rera ho fetohela mmuso. Ke ka lebaka lena le tsosang lerako, e le hore wena o tle o be kgosi ya bona, ho latela dipolelo tsena. 7O so bile o kgethile baporofeta hore ba phatlalatse morero ona wa hao Jerusalema, mme ba re: ‘Kgosi e teng naheng ya Juda.’ Dipolelo tsena di tla fihla tsebeng tsa kgosi; ka baka lena, tloo, re tlo buisana ka taba ena.”
8Yaba ke mo romela molaetsa o reng: “Dintho tsena tseo o buang ka tsona ha di yo; ke wena ya iqapelang tsona.”
9Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!”
Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”
10Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.”
11Empa ka re: “Motho ya kang nna ke wa ho baleha? Ke mang ya kang nna, ya ka balehelang ka Tempeleng, ho ipholosa? Nke ke ka ya!”
12Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate. 13Ka baka lena, o ne a hirilwe hore a ntshose, mme ke etse kamoo a buang kateng, ke tle ke etse sebe, ba tle ba ntshenye lebitso. 14Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.”
Lerako le a fela
15Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso a mehlano la kgwedi ya Lwetse, ba qeta ho haha lerako. Le ne le nkile matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi, le ntse le hahuwa. 16Ha dira tsa rona tsohle di utlwela taba ena, mme le baditjhaba bohle ba re potapotileng ba bona dintho tsena, ba swaba, hobane ba ne ba bone hore mosebetsi ona o entswe ka thuso ya Modimo wa rona.
17Ho feta mona, mehleng eo mahosana a Juda a ile a ngolla Tobiya mangolo a mangata, le mangolo a Tobiya a fihla ho mahosana ao. 18Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya. 19Ba ba ba mpolella mesebetsi ya Tobiya e metle, mme ba mmolella le dipolelo tsa ka. Tobiya a nna a nngolla, ho leka ho ntshosa.

Currently Selected:

NEHEMIA 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy