YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 21

21
Ho hlolwa ha Jerusalema ho a porofetwa
1Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia: 2“Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”
3Yaba Jeremia o re ho bona: “Bolellang Sedekiya, le re: 4‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse. 5Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. 6Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa. 7Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’
8“O tle o re ho setjhaba sena: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona, ke re le ikgethele hore na le nka tsela e isang bophelong kapa le nka tsela e isang lefung. 9Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae. 10Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”
Ntlo ya bokgosi ya Juda e a ahlolwa
11“Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena. 12Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena:
“ ‘Ahlolelang batho ka toka
hoseng ha letsatsi ka leng,
namolelang motlatlapuwa
matsohong a motlatlapi,
esere kgalefo ya ka
ya laima malakabe,
ya tuka hoo
ho seng ya ka ba e tima,
ka baka la bokgopo
ba diketso tsa lona.
13Morena o re:
Lona baahi ba kgohlo
ke a le futuhela,
lona ba phelang
hodima sehlaba se mafika,
lona ba reng:
“Re ka futuhelwa ke mang?
Diahelong tsa rona
ho ka kena mang?”
14Morena o re:
Ke tla le otla
ho ya ka diketso tsa lona,
ke hotetse hlaha merung ya lona,
ke e tjhese,
tsohle tse le potapotileng
di tla timela.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in