YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 10

10
Borapedi ba nnete le ba bohata
1Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang seo Morena a se buang ho lona. 2Morena o bua tjena:
“Se ithuteng mekgwa ya baditjhaba,
se tshosweng ke dipontsho,
pontsho tsa lehodimo,
le hoja baditjhaba
ba tshoswa ke tsona.
3Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela,
baditjhaba ba rema sefate morung,
ebe sebetli ka selepe se a se betla.
4Ba se kgabisa ka silefera
le ka kgauta,
ba se kgokgothele ka noto
le ka dipekere,
hore se se ke sa sisinyeha.
5Medingwana ena e ka setshosa,
e ka setshosa se hlonngwe
tshimong ya mahapu,
empa ha e le ho bua hona
ha e ho tsebe;
eka kgona ba e jare,
hobane ha e tsebe ho tsamaya.
Lona le se e tshabe,
e ke ke ya le ntsha kotsi,
ho etsa molemo le hona
ha e ho tsebe.”
6Ha ho ya tshwanang le wena Morena,
wena o moholo,
bitso la hao le leholo, le matla.
7Ke mang ya ke keng a o tshaba,
wena Kgosi ya ditjhaba?
E hlile ho tshajwa,
wena ho a o lokela.
Hara banna bohle
ba bahlalefi ditjhabeng,
banna ba bahlalefi
ba mebusong ya bona,
ha ho le ya mong
ya tshwanang le wena.
8Bohle ba hloka kelello,
ba thotofetse,
thuto tsa medimo ya lehong
ke tsa lefeela.
9Silefera e bateletsweng
e tswa Tarashishe,
kgauta yona
ke e tswang kwana Ufase,
ke mosebetsi wa setei,
o entsweng ke lelala;
medingwana e apeswa tse putswa
le tse perese:
Tsohle di entswe
ke ditsebi tsa mesebetsi.
10Empa Morena
ke Modimo wa nnete,
ke Modimo ya phelang,
Kgosi ya kamehla yohle.
Ha a halefile
fatshe lohle le a reketla,
tjhaba di sitwa
ho mamella kgalefo ya hae.
11Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”
Sefela se rorisang Modimo
12Ka matla a hae
Modimo o entse lefatshe,
ka bohlale ba hae
a le tsitsisa tulong tsa lona,
ka kelello ya hae a ala le mahodimo.
13Ha a thwathwaretsa
metsi a lehodimo a a hwasa,
o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe,
ha pula e ena o tsekemisa lehadima,
a bulele difefo,
di tswe moo di kwaletsweng.
14Batho bohle ha ba na tsebo,
ba thotofetse,
malala a kgauta
a hlabiswa dihlong,
a hlabiswa dihlong
ke medingwana ya wona.
Medingwana ena ya wona
ke ya leshano,
medingwana ena ya wona
ha e phefumolohe.
15Ke mafeelafeelane,
ke ntho tsa ho nyediswa,
ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla
e tla timela!
16Modimo wa Jakobo yena
ha a tshwane le yona,
hobane ke yena Mmopi wa tsohle;
o kgethile Iseraele
hore e be tjhaba sa hae,
Morena wa mabotho
ke lona lebitso la hae.
Ho phaphatheha ho se ho le haufi
17Lona ba thibeletsweng
tlamang thoto ya lona,
le e tlame,
le be le tswe kahara naha ena.
18Morena o bua tjena:
“Ke tla tjekeletsa
baahi ba naha ena, kantle ho yona,
ke ba sotle,
ke ba bakele mahlomola!”
19Ke madimabe
hobane ke tswile kotsi!
Leqeba la ka ha le ka ke la fola!
Empa ka pelong ka ikgothatsa,
ka re: “Ena ke tsietsi ya ka,
ke tlameha ho e mamella.”
20Tente ya ka e senyehile,
kgwele tsa yona tsohle
di kgaohile;
bana ba ka bohle ba ntshiile,
ha ho ya setseng
ho hloma tente ya ka,
kapa hona ho phutholla
masira a yona.
21Badisa ba hloka kelello,
thuso ya Morena ha ba e batle,
kahoo ba ke ke ba fumana katleho,
mehlape ya bona yohle e qhalakane.
22Mamela! Molaetsa ke ona o a tla!
Morusu o moholo
o hlaha naheng e ka leboya!
Metse ya Juda
e tla fetolwa nanaola,
e fetohe dilao tsa diphokojwe.
Thapelo ya Jeremia
23Morena, sena ke a se tseba,
motho ha a ikgethele tsela ya hae,
hase yena ya laolang mehato ya hae.
24Oho, Morena,
ako nkgalemele ka toka,
o se ke wa nkgalemela o halefile,
esere wa mphetola lefeelafeelane.
25Halefela tjhaba tsena
tse sa o tsebeng,
o halefele batho
ba sa ipiletseng ho wena.
Tjhaba tsena di metsitse Jakobo,
tsa mo metsa bokwiditane,
tsa mo timetsa,
metse ya hae tsa e fetola nanaola.

Currently Selected:

JEREMIA 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in