YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 10:21-23

PHALLO 10:21-23 SSO89SO

Jwale Morena a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong, ho tle ho be lefifi naheng ya Egepeta; lefifi leo ekang motho a ka le tshwara ka letsoho.” Moshe a phahamisetsa letsoho la hae mahodimong, mme ka matsatsi a mararo lefifi la bonkantjana la aparela naha yohle ya Egepeta. Batho ba sitwa ho bonana, mme ka matsatsi a mararo motho a sitwa ho tloha moo a dutseng teng. Empa moo ho ahileng bana ba Iseraele bohle, lesedi le ne le ntse le le teng.