DIKETSO 2:2-4
DIKETSO 2:2-4 SSO89SO
Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona. Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.