YouVersion Logo
Search Icon

2 TIMOTHEA 3:1-5

2 TIMOTHEA 3:1-5 SSO89SO

Tseba hona: Mehleng ya bofelo ho tla ba le dinako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngwa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitshwaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphiyo, ba soro, baikgohomosi. Ba tla rata menate ya lefatshe, ho ena le Modimo; ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.