YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 27

27
Puso ya Jotame, kgosi ya Juda
(2 Dikg. 15:32-38)
1Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke. 2Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a a ka a kena ka Tempeleng ya Morena. Setjhaba sona sa nna sa etsa bokgopo.
3Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo. 4Le dithabeng tsa naha ya Juda a haha metse, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.
5A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo.
6Jotame a matlafala, hobane o ne a tshepahala ho Morena Modimo wa hae.
7Diketso tse ding tsa Jotame, le dintwa tsohle tsa hae, le mesebetsi ya hae, tsena di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. 8O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema.
9Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy