YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 3

3
Basebeletsi ba Modimo
1Bana beso, nna ke sitilwe ho bua le lona jwalokaha ke ne nka bua le batho ba nang le Moya o Halalelang, empa ke buile le lona jwalokaha le le ba lefatshe, jwaloka masea ho Kreste. 2Ke le fepile ka lebese e seng ka dijo tse thata, hobane di ne di ka le sita. Esita le jwale di ntse di ka le sita, 3hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho? 4Ha e mong a re: “Nna ke wa Paulosi,” mme e mong a re: “Nna ke wa Apolosi,” na ha le ye ka tsa botho?
5Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng. 6Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng. 7Ka hona ya lemang hase letho, le ya nwesetsang hase letho, empa eo e leng letho ke Modimo ya medisang. 8Ya lemang le ya nwesetsang ba a tshwana, mme e mong le e mong o tla amohela moputso ho ya ka mosebetsi wa hae. 9Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.
10Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang. 11Ha ho ya ka etsang motheo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste. 12Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka, 13mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong. 14Haeba mosebetsi wa e mong ya hahileng hodima motheo o sa senyehe, o tla amohela moputso. 15Haeba mosebetsi wa e mong o etjha, o tla mo senyehela, empa yena o tla pholoswa, jwaloka ya fetileng hara mollo.
16Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona? 17Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.
18Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe. 19Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re:
“Modimo o tshwasa ba bohlale
maqhekeng a bona.”
20Hape ho thwe:
“Morena o tseba hore mehopolo
ya ba bohlale ke lefeela.”
21Kahoo ho se be ya ithorisang ka batho. Tsohle ke tsa lona, 22e ka ba Paulosi, kapa Apolosi, kapa Kefase, kapa lefatshe lena, kapa bophelo, kapa lefu, kapa tse teng, esita le tse tlang. Tsena tsohle ke tsa lona, 23lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy