1
Mattheu 27:46
Baasraak Sotho NT
Yare ha e batla e eba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lama sabakthani? ke ho re: Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?
Compare
Explore Mattheu 27:46
2
Mattheu 27:51-52
Mme, bonang, lesela la tempele la hahoha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a petsoha; Mabitla a buleha; mme mebele e mengata ya bahalaledi ba robetseng ya tsoha
Explore Mattheu 27:51-52
3
Mattheu 27:50
Jesu, hoba a hoeletse hape ka lentswe le phahameng, a neela moya.
Explore Mattheu 27:50
4
Mattheu 27:54
Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.
Explore Mattheu 27:54
5
Mattheu 27:45
Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong.
Explore Mattheu 27:45
6
Mattheu 27:22-23
Pilato a re ho bona: Jwale, ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe! Mmusisi a re: O entse bobe bofe? Empa ba eketsa ho howa, ba re: A thakgiswe!
Explore Mattheu 27:22-23
Home
Bible
Plans
Videos