1
BAROMA 5:8
BIBELE
empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.
Compare
Explore BAROMA 5:8
2
BAROMA 5:5
mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
Explore BAROMA 5:5
3
BAROMA 5:3-4
Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo
Explore BAROMA 5:3-4
4
BAROMA 5:1-2
Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste. Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo.
Explore BAROMA 5:1-2
5
BAROMA 5:6
Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng.
Explore BAROMA 5:6
6
BAROMA 5:9
Erekaha jwale re lokafaditswe ka madi a hae, re tla pholoswa ka yena bohaleng ba Modimo ho feta hakaakang!
Explore BAROMA 5:9
7
BAROMA 5:19
Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
Explore BAROMA 5:19
8
BAROMA 5:11
Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena.
Explore BAROMA 5:11
Home
Bible
Plans
Videos