1
BAROMA 2:3-4
BIBELE
Jwale wena motho ya ahlolang ba bang ba etsang tse jwalo, empa o ntse o di etsa, na o hopola hore o tla phonyoha kahlolong ya Modimo? Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?
Compare
Explore BAROMA 2:3-4
2
BAROMA 2:1
Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.
Explore BAROMA 2:1
3
BAROMA 2:11
Modimo ha a ye ka tshobotsi.
Explore BAROMA 2:11
4
BAROMA 2:13
Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa.
Explore BAROMA 2:13
5
BAROMA 2:6
Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.
Explore BAROMA 2:6
6
BAROMA 2:8
Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.
Explore BAROMA 2:8
7
BAROMA 2:5
Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.
Explore BAROMA 2:5
Home
Bible
Plans
Videos