Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona. Sa etsa hore ho se be le ya mong ya ka rekang, kapa ya ka rekisang, a se na letshwao la sebatana, kapa palo e emetseng lebitso la sona.