1
DIPESALEMA 91:2
BIBELE
o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”
Compare
Explore DIPESALEMA 91:2
2
DIPESALEMA 91:1
Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle
Explore DIPESALEMA 91:1
3
DIPESALEMA 91:15
Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.
Explore DIPESALEMA 91:15
4
DIPESALEMA 91:11
O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.
Explore DIPESALEMA 91:11
5
DIPESALEMA 91:4
O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana
Explore DIPESALEMA 91:4
6
DIPESALEMA 91:9-10
Kahobane o entse Morena setshabelo sa hao, mme Ya Hodimodimo o mo entse qhobosheane ya hao, ha ho bobe bo ka o welang hodimo, ha ho kotlo e ka atamelang motlotlwane wa hao.
Explore DIPESALEMA 91:9-10
7
DIPESALEMA 91:3
Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa.
Explore DIPESALEMA 91:3
8
DIPESALEMA 91:7
Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho.
Explore DIPESALEMA 91:7
9
DIPESALEMA 91:5-6
O ke ke wa tshaba ditshosa tsa bosiu, kapa metsu e bebang motsheare, leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare.
Explore DIPESALEMA 91:5-6
Home
Bible
Plans
Videos