1
MAELE 29:25
BIBELE
Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.
Compare
Explore MAELE 29:25
2
MAELE 29:18
Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao.
Explore MAELE 29:18
3
MAELE 29:11
Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa.
Explore MAELE 29:11
4
MAELE 29:15
Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.
Explore MAELE 29:15
5
MAELE 29:17
Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle.
Explore MAELE 29:17
6
MAELE 29:23
Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.
Explore MAELE 29:23
7
MAELE 29:22
Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.
Explore MAELE 29:22
8
MAELE 29:20
Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.
Explore MAELE 29:20
Home
Bible
Plans
Videos