1
DIPALO 14:9
BIBELE
Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”
Compare
Explore DIPALO 14:9
2
DIPALO 14:18
‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’
Explore DIPALO 14:18
3
DIPALO 14:8
Haeba Morena a kgahlilwe ke rona, o tla re fihlisa naheng eo, a re nee yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.
Explore DIPALO 14:8
4
DIPALO 14:24
Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.
Explore DIPALO 14:24
5
DIPALO 14:28
Ere ho bona: ‘Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena; ruri ke tla le etsa ho ya kamoo ke utlwileng le bua kateng.
Explore DIPALO 14:28
6
DIPALO 14:11
Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?
Explore DIPALO 14:11
7
DIPALO 14:2
Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!
Explore DIPALO 14:2
8
DIPALO 14:6-7
Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona. Ba re ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: “Naha eo re tsamaileng hara yona ho e hlwela, ke naha e ntle haholo.
Explore DIPALO 14:6-7
9
DIPALO 14:21-23
Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle: batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka; ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona.
Explore DIPALO 14:21-23
Home
Bible
Plans
Videos