Empa bona, le bo-ntata rona,
ba ikakasa, ba ba manganga,
ba se ke ba mamela melao ya hao.
Ba hana ho mamela,
ba lebala ketso tsa hao,
dimakatso tsa hao,
tse entsweng hara bona;
ba se ke ba di natsa,
ba ba manganga,
ba o fetohela,
ba ikgethela moetapele,
hore a ba busetse
bokgobeng ba bona.
Empa o Modimo
ya tshwarelang kamehla,
o lereko, o mohau,
o dieha ho halefa,
o bile o lerato,
mme ha o a ka wa ba furalla.