Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi. Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata.