1
ESAYA 19:25
BIBELE
Morena wa mabotho o tla di hlonolofatsa, a re: “Setjhaba sa ka sa Egepeta se ke se hlohonolofale, le Asiria e leng mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele eo e leng lefa la ka.”
Compare
Explore ESAYA 19:25
2
ESAYA 19:20
Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.
Explore ESAYA 19:20
3
ESAYA 19:1
Bona ke boporofeta malebana le Egepeta: Bonang Morena o tla Egepeta, o tla a kaletse leru le potlakileng, medimo ya bohata ya Egepeta e thothomela pela hae, Baegepeta le bona ba tlalwa ke tshabo.
Explore ESAYA 19:1
4
ESAYA 19:19
Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena.
Explore ESAYA 19:19
Home
Bible
Plans
Videos