1
MORUTI 11:9
BIBELE
Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.
Compare
Explore MORUTI 11:9
2
MORUTI 11:10
Kahoo fedisa matshwenyeho a pelo ya hao, o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao, hoba bongwana le botjha ke mafeelafeelane.
Explore MORUTI 11:10
3
MORUTI 11:4
Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula.
Explore MORUTI 11:4
4
MORUTI 11:5
Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle.
Explore MORUTI 11:5
5
MORUTI 11:6
Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.
Explore MORUTI 11:6
6
MORUTI 11:2
Bo abele ba supileng kapa ba robedi kaha tsietsi tsa lefatshe o ke ke be wa di tseba.
Explore MORUTI 11:2
Home
Bible
Plans
Videos