1
2 BAKORINTHE 4:18
BIBELE
Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.
Compare
Explore 2 BAKORINTHE 4:18
2
2 BAKORINTHE 4:16-17
Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi. Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.
Explore 2 BAKORINTHE 4:16-17
3
2 BAKORINTHE 4:8-9
Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo; re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe.
Explore 2 BAKORINTHE 4:8-9
4
2 BAKORINTHE 4:7
Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.
Explore 2 BAKORINTHE 4:7
5
2 BAKORINTHE 4:4
e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
Explore 2 BAKORINTHE 4:4
6
2 BAKORINTHE 4:6
Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.
Explore 2 BAKORINTHE 4:6
Home
Bible
Plans
Videos